BIBELE e Halalelang

Esaia 41:19-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Ke tla medisa kedare naheng e tshehla, le leoka, le mirte, le mohlwaare; ke hlome kiprese naheng e omeletseng, e mele hammoho le pine le fire;

20. ba tle ba bone, ba tsebe, ba lemohe, ba elellwe kaofela hoba letsoho la Jehova le entse dintho tseo, le hoba Mohalaledi wa Iseraele ke yena moetsi wa tsona.

21. Hlahisang nyewe ya lona, ho bolela Jehova; le tlise ditaba tsa lona, ho bolela Morena wa Jakobo.

22. Ba ke ba di tlise, ba re bolelle ditaba tse tlang ho tla! Le boletse ditaba dife tsa kgale? Re bolelleng, re tle re nahane, re tsebe moo di fellang teng; kapa le re tsebise tse tla hlaha.

23. Re tsebiseng tse tlang ho tla, re tle re lemohe hobane le medimo; etsang ntho e ntle, kapa e mpe, re tle re makale hammoho, mme re bone.

24. Bonang, ha le letho, mosebetsi wa lona ke lefeela; ya ka kgahlwang ke lona o manyala.

25. Ke mo tsositse leboya, mme o a tla; o tswa botjhabela, ya rapelang lebitso la ka; o hatakela marena, jwaloka seretse, ka mokgwa wa mmopi wa dipitsa ha a kgoba letsopa.

26. Ke mang ya boletseng taba eo esale ho hlaheng, re tle re tsebe? Kapa ya e boletseng mehleng ya pele ke mang, re tle re re: Ke nnete? Empa ha ho ya e boletseng, ha ho ya e senotseng, ha ho ya utlwileng dipolelo tsa lona.

27. Ke nna wa pele ke itseng ho Sione: Bona, bona, ke tsena; ke neile Jerusalema lenqosa la taba tse molemo.

28. Ka tadima, mme ka hloka motho teng; hara bona ha ho ya senolang, ha ho eo nka mmotsang a nkaraba.

29. Bonang, kaofela ha bona hase eng, mesebetsi ya bona ke lefeela le bosawana, ditshwantsho tsa bona ke pudulo feela.