BIBELE e Halalelang

Esaia 41:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Kgutsang, lona dihlekehleke, le mmamele; ditjhaba di tsohe matla, di atamele, di bolele, re yeng tsekong hammoho.

2. Ke mang ya tsositseng motho botjhabela, eo poloko e tsamayang mehlaleng ya hae? Ke mang ya mo neetseng ditjhaba, ya kokobeditseng marena katlasa hae? O etsa marumo a bona lerole, seqha sa bona se ba jwaloka mooko o fefolwang.

3. O a ba phallela, o haola ka tsela eo a esong ho bee leoto la hae ho yona, a sa tswe kotsi.

4. Ke mang ya entseng hoo, a ba a ho phetha? Ke ya bitsitseng mefuta ya batho esale ho hlaheng, nna Jehova, ke leng wa pele, mme e tla nne e be nna le mehleng ya qetello.

5. Dihlekehleke tsa bona, mme tsa tshaba, ha thothomela le dipheletso tsa lefatshe. Ba atametse, ba fihlile;

6. ba thusane, e mong le e mong o bolella ngwanabo, o re: Tiisa matla.

7. Setei se kgothatsa ya tshollang setshwantsho, ya hlatswang ka noto le yena o kgothatsa ya teang tshetlong ya futho, o re: Se kopanyang se molemo. Mme o tiisa setshwantsho ka dipekere, se tle se se ke sa sisinyeha.

8. Empa wena Iseraele, mohlanka wa ka, Jakobo, wena eo ke ikgethetseng yena, leloko la Abrahama, moratuwa wa ka,

9. wena eo ke o nkileng kgutlelong ya lefatshe, mme ka o lata pheletsong ya lona, ka re ho wena: O mohlanka wa ka; ke o kgethile, mme ha ke a ka ka o lahla;

10. o se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; o se ke wa tshoha, hobane ke Modimo wa hao; ke tla o fa matla, ke o thuse, ke o tiise ka letsoho la ka le letona la ho loka ha ka!

11. Bona, ba tla swaba, ba hlabiswe dihlong, bao e leng dira ho wena; ba o lwantshang ba tla ba jwaloka eka ba siyo, ba fele.