BIBELE e Halalelang

Esaia 40:7-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Jwang bo a omella, mme palesa e foforehe, ha e amilwe ke moya wa Jehova; ruri batho ke jwang.

8. Jwang bo a omella, palesa e a foforeha, empa lentswe la Modimo wa rona le tiile ka ho sa feleng.

9. Nyolohela thabeng e phahamileng, wena ya bolellang Sione taba tse molemo; o phahamise lentswe la hao ka matla, wena ya bolellang Jerusalema taba tse molemo; o le phahamise, o se ke wa tshaba, o bolelle metse ya Juda, o re: Modimo wa lona ke ona!

10. Bonang, Morena Jehova o tla ka matla; letsoho la hae le a busa; bonang, o ya tla le moputso wa hae, le yona phetetso ya hae e mo eteletse pele.

11. O tla alosa mohlape wa hae ka mokgwa wa modisa, o tla bokella dikonyana matsohong a hae, a di jare sefubeng sa hae; le tse anyesang, a di sotetse butle.

12. Ke mang ya lekantseng metsi ka seatleng sa hae? Ke mang ya lekantseng mahodimo ka boahlamo ba menwana ya hae? Ke mang ya bokeletseng lerole la lefatshe tekanyong? Ke mang ya lekantseng boima ba dithaba ka sekgoketsane, le dithabana ka sekala?

13. Ya lemositseng moya wa Jehova ke mang? Eo e bileng moeletsi wa hae, ya mo rutileng, ke mang?

14. O eletsane le mang hore a tsebisise? Ke mang ya mo rutileng tsela ya ho loka, ya mo rutileng bohlale, ya mmontshitseng tsela ya kelello?