BIBELE e Halalelang

Esaia 40:24-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. Ba re ba sa hlongwa, ba sa jalwa, kutu tsa bona di eso ho ise metso fatshe, a bodule hodima bona, mme ba omelle, ba nkuwe ke sefefo jwaloka mooko.

25. Ha ho le jwalo, le tla ntekanya le mang, hore ke tshwane le yena, ho botsa Mohalaledi?

26. Lelalang hodimo, le tadime! Ya entseng ntho tseo ke mang? O tsamaisa makgotla a tsona ka lenaneo, o di thonya kaofela ka mabitso a tsona ka matla a hae a maholo, matla a hae a sa sitweng ke letho; ha ho le e nngwe ho tsona e hlokahalang.

27. Na keng Jakobo, ha o bolela, le wena Iseraele, ha o re: Tsela ya ka ha e lemohuwe ke Jehova, tokelo ya ka ha e qamakwe ke Modimo wa ka?

28. Na ha o tsebe, na ha o a ka wa utlwa hobane Jehova ke Modimo wa kamehla yohle, Mmopi wa dipheletso tsa lefatshe? Ha a kgathale, ha a fokole, kelello ya hae ha e lekanngwe.

29. O fa ya kgathetseng matla, o atisa matla ho ya fokotseng.

30. Ba batjha ba kgathala, ba fokola, dikwankwetla di a wa.

31. Empa ba itshepelang Jehova ba bona matla a matjha, ba fofa jwaloka ntsu, ba matha, mme ha ba kgathale; ba tsamaya, mme ha ba fokole.