BIBELE e Halalelang

Esaia 40:13-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Ya lemositseng moya wa Jehova ke mang? Eo e bileng moeletsi wa hae, ya mo rutileng, ke mang?

14. O eletsane le mang hore a tsebisise? Ke mang ya mo rutileng tsela ya ho loka, ya mo rutileng bohlale, ya mmontshitseng tsela ya kelello?

15. Bonang, ditjhaba di jwaloka lerothodi la metsi le dutlang nkgong, le jwaloka lerolenyana le sekaleng. Bonang, dihlekehleke di jwaloka lerole le lesesanyane le fefohelang koo.

16. Lebanone a ke ke a lekana le mollo, le diphoofolo tsa hae di ke ke tsa lekana le ditjheso.

17. Ho yena ditjhaba kaofela di jwaloka hoja di le siyo, o di tadima jwaloka ntho ya lefeela, ya bosawana.

18. Modimo le tla o tshwantsha ka mang? Setshwantsho ke sefe seo le ka se bapisang le wona?

19. Ya sebetsang o tsholla setshwantsho, lelala la kgauta le se maneha ka yona, le se holeha ka mahlaahlela a silefera.

20. Mofumanehi ya hlokang kabelo o ikgethela lehong le sa boleng, o ipatlela mmetli ya bohlale ho mmetlela setshwantsho se sa sisinyeheng.

21. Na ha le a ka la tseba, ha le a ka la utlwa na? Na ha le a ka la bolellwa esale ho qaleng? Na ha le eso ho lemohe ho thewa ha lefatshe na?

22. Ke yena ya nang le terone ya hae hodima phikoloho ya lefatshe, leo ba ahileng ho lona ba leng ho yena jwaloka ditsie; ke yena ya menollang mahodimo jwaloka lesela le lesesane la kase, mme o a phutholla jwaloka tente ya ho aha teng.

23. Ke yena ya etsang mahosana ntho ya lefeela, ya etsang baahlodi ba lefatshe ntho ya bosawana.

24. Ba re ba sa hlongwa, ba sa jalwa, kutu tsa bona di eso ho ise metso fatshe, a bodule hodima bona, mme ba omelle, ba nkuwe ke sefefo jwaloka mooko.

25. Ha ho le jwalo, le tla ntekanya le mang, hore ke tshwane le yena, ho botsa Mohalaledi?

26. Lelalang hodimo, le tadime! Ya entseng ntho tseo ke mang? O tsamaisa makgotla a tsona ka lenaneo, o di thonya kaofela ka mabitso a tsona ka matla a hae a maholo, matla a hae a sa sitweng ke letho; ha ho le e nngwe ho tsona e hlokahalang.