BIBELE e Halalelang

Esaia 4:2-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Mehleng eo, lehlomela la Jehova le tla hlaha bokgabaneng le kganyeng, tholwana ya lefatshe e be kganya le kgabiso ho Baiseraele ba phonyohileng.

3. E mong le e mong ho ba siilweng Sione, le ba setseng Jerusalema, ba tla bitswa bahalaledi, e leng bohle ba ngodilweng bukeng ya ba phelang Jerusalema;

4. ha Morena a se a hlakotse ditshila tsa baradi ba Sione, a tlositse madi a Jerusalema teng ka moya wa kahlolo le ka moya o hlokolang.

5. Mme Jehova o tla hlahisa hodima bophara bohle ba thaba ya Sione le hodima diphutheho tsa hae leru le mosi nyene, le kganya ya malakabe a mollo bosiu; hobane ke sona serireletso se tla apesa kganya yohle.

6. Ho tla ba le tente e sirelang ho tjhesa ha kganya ya motshehare, e be setshabelo le tshirelo difefong le puleng.