BIBELE e Halalelang

Esaia 39:2-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Esekiase a thaba ha a bona manqosa, a ba a a bontsha ntlo ya matlotlo a hae, le silefera, le kgauta, le dinoko, le ole ya bohlokwa, le ntlo ya dihlomo tsa hae kaofela, le tsohle tse dipolokelong tsa hae; ha ho a ka ha eba letho leo Esekiase a sa kang a ba bontsha lona ka tlung ya hae le mmusong wa hae wohle.

3. Yaba moporofeta Esaia o tla ho morena Esekiase, a re ho yena: Banna bao ba itseng? Ba tlile ho wena ba etswa kae? Esekiase a re: Ba tlile ho nna ba etswa naheng e hole, Babilona.

4. Ebile Esaia o re: Ba bone eng ka tlung ya hao? Esekiase a re: Ba bone tse ka tlung ya ka kaofela; ha ho letho la maruo a ka leo ke sa kang ka ba bontsha lona.

5. Yaba Esaia o re ho Esekiase: Mamela lentswe la Jehova wa makgotla.

6. Bona, matsatsi a tla ao tsohle tse ka tlung ya hao di tla iswa Babilona, le tsohle tse bokeletsweng ke bontatao ho fihlela la kajeno; ho ke ke ha sala letho, ho bolela Jehova.

7. Ha e le bara ba hao ba tla tswa ho wena, bao o tla ba tswala, ho tla nkwa ba bang, hore ba etswe maqhalaha ka tlung ya morena wa Babilona.

8. Yaba Esekiase o re ho Esaia: Lentswe la Jehova leo o le boletseng le molemo. A eketsa a re: Kgotso e tla ba teng le boiketlo, ha ke ntse ke phela.