BIBELE e Halalelang

Esaia 39:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mehleng eo, Merodake-Baladane, mora Baladane, morena wa Babilona, a romela mangolo le dimpho ho Esekiase, hobane a ne a utlwile hore o ne a kile a kula, a ba a fola.

2. Esekiase a thaba ha a bona manqosa, a ba a a bontsha ntlo ya matlotlo a hae, le silefera, le kgauta, le dinoko, le ole ya bohlokwa, le ntlo ya dihlomo tsa hae kaofela, le tsohle tse dipolokelong tsa hae; ha ho a ka ha eba letho leo Esekiase a sa kang a ba bontsha lona ka tlung ya hae le mmusong wa hae wohle.

3. Yaba moporofeta Esaia o tla ho morena Esekiase, a re ho yena: Banna bao ba itseng? Ba tlile ho wena ba etswa kae? Esekiase a re: Ba tlile ho nna ba etswa naheng e hole, Babilona.

4. Ebile Esaia o re: Ba bone eng ka tlung ya hao? Esekiase a re: Ba bone tse ka tlung ya ka kaofela; ha ho letho la maruo a ka leo ke sa kang ka ba bontsha lona.

5. Yaba Esaia o re ho Esekiase: Mamela lentswe la Jehova wa makgotla.