BIBELE e Halalelang

Esaia 38:14-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Ka ba ka lla jwaloka moholodi le lefokotsane, ka bohola jwaloka leebakgorwana; mahlo a ka a kgathala ke ho lelala hodimo! Jehova, ke matswalong, o mpoloke!

15. Ke tla re eng? O ntshepisitse, mme o nkutlwile. Ke tla tsamaya ka boikokobetso ho isa ho feleng ha dilemo tsohle tsa ho phela ha ka, hobane bohloko ba moya wa ka bo fetile.

16. Morena, motho o phela ka mehauhelo ya hao; bophelo ba moya wa ka bo dutse ho yona kaofela; o a mphodisa, mme o a mphedisa.

17. Bona, mahlomola a ka a mphetohetse poloko, o ithatetse ho ntsha moya wa ka lebitleng la ho fela; hobane o lahletse dibe tsa ka kaofela kamora hao.

18. Hobane nqalo ya bafu e ke ke ya o boka, lefu le ke ke la o rorisa; batho ba theohelang lebitleng ha ba sa tshepa botshepehi ba hao.

19. Empa ba phelang, ba phelang, ke bona ba o bokang, jwalokaha ke etsa kajeno; ntata motho o tla phetela bana ba hae tsa botshepehi ba hao!

20. Jehova o rata ho mpoloka; ka baka leo, re tla tidinya dikgole tsa diharepa tsa rona ka matsatsi wohle a ho phela ha rona, ka tlung ya Jehova.

21. Esaia o na be a boletse hore ho tliswe motoho wa defeiye; yaba ba o bea sesong, mme o fola.

22. Esekiase o ne a itse: Pontsho ke efe eo ke tla tseba ka yona hoba ke sa tla nyolohela ka tlung ya Jehova?