BIBELE e Halalelang

Esaia 37:22-38 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. ke ena taba eo Jehova a e bolelang hodima hae: Morwetsana, moradi wa Sione, o a o nyedisa, o tsheha ka wena; moradi wa Jerusalema o o tsokolletsa hlooho.

23. O nyedisitse mang, mme o nyefotse mang? O phahamiseditse mang lentswe la hao? O emiseditse mang mahlo a hao hodimo? O nyedisitse Mohalaledi wa Iseraele!

24. O nyedisitse Morena ka manqosa a hao, wa re: Ke hlwelletse hodima dithaba le diqhoweng tsa Lebanone ka makoloi a ka a mangata; ke tla rema dikedare tse telele tsa teng, le dikiprese tse kgethehileng tsa teng, ke fihle le hlorong ya teng, ho isa le morung wa tshimo ya teng.

25. Ke tjhebile didiba, ka nwa metsi a tsona, mme ka bohato ba maoto a ka ke tla pshesa le dinoka tsohle tsa Egepeta.

26. Hleka ha o a ka wa utlwa hobane kgale ke entse taba eo, ke e rerile mehleng ya boholoholo na? Jwale, ke a e hlahisa, le wena o mona hore o fedise metse e marako, o e fetole diqubu tsa dithako.

27. Ke ka baka leo baahi ba teng ba hlokileng matla; ba tshohile, ba ferekane; ba jwaloka jwang ba naha bo botala le mohlwa, jwaloka jwang ba serethele se hodima ntlo, le jwaloka koro e tjheleng e eso ho tswale.

28. Empa ke tseba ho dula ha hao, le ho tswa ha hao, le ho kena ha hao, le kamoo o nthorelang kateng.

29. Hobane ho nthorela ha hao le boithoriso ba hao, bo nyolohetse ditsebeng tsa ka; ke tla phunya mohala dinkong tsa hao, ke kenye tomo ya ka hanong ho wena, ke o kgutlise ka tsela eo o tlileng ka yona.

30. Mme taba ena e tla ba pontsho ho wena, Esekiase: Ho tla jewa matshwabodi monongwaha, isao ho jewe dirite; ka sa boraro le tla jala, le kotule, le hlome merara, le je ditholwana tsa yona.

31. Mme masala a phonyohileng a ntlo ya Juda a tla mela metso fatshe, a bee le ditholwana hodimo.

32. Hobane masala a tla tswa Jerusalema, mme ba phonyohileng ba tswe thabeng ya Sione: poulelo ya Jehova wa makgotla e tla etsa tseo.

33. Ka baka leo, Jehova o re bakeng sa morena wa Assiria: A ke ke a kena motseng ona, a ke ke a phosa ka motsu teng, leha e le ho tla pela teng ka thebe, leha e le ho o etsetsa tutudu.

34. O tla kgutla ka yona tsela eo a tlileng ka yona: a ke ke a kena motseng ona, ho bolela Jehova.

35. Hobane ke tla sireletsa motse wona, ke o pholose, ka baka la ka le la Davida, mohlanka wa ka.

36. Mme lengeloi la Jehova la tswa, la bolaya batho ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mehlano diahelong tsa Baassiria. Yare ha ho tsohuwa hosasane, e be e se e le ditopo feela tse sa utlweng.

37. Yaba Sankeribe, morena wa Assiria, o tloha, a ikela, a kgutlela hae, a ya dula Ninive.

38. Mme yare ha a se a kgumamile tempeleng ya Nisroke, modimo wa hae, Adrammeleke le Sharetsere, bara ba hae, ba mmolaya ka lerumo, ba ntoo balehela naheng ya Ararate. Yaba Esare-Haddone, mora wa hae, e ba morena tulong tsa hae.