BIBELE e Halalelang

Esaia 37:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Eitse morena Esekiase ha a utlwa, a hahola diaparo tsa hae, a ikapesa ka lesela le mahwashe, a kena ka tlung ya Jehova.

2. Yaba o roma Eliakime, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna mongodi, le baholo ba baprista, ho moporofeta Esaia, mora Amotse, ba ikapesitse ka masela a mahwashe.

3. Ba re ho yena: Esekiase o re: Letsatsi lena ke letsatsi la mahlomola, la ho lauwa, le la ho nyatsuwa; hobane bana ba loketse ho tswa popelong, empa matla a ho beleha ha a yo.

4. Ekaba mohlomong, Jehova, Modimo wa hao, o tla utlwa mantswe a Rabshake, eo monga hae, morena wa Assiria, a mo rometseng ho nyedisa Modimo o utlwang, mme Jehova, Modimo wa hao, o tla kgalemela mantswe ao a a utlwileng. Ka baka leo, o ke o beele masala a setseng thapelo.

5. Bahlanka ba morena Esekiase ba fihla ho Esaia;

6. Esaia a re ho bona: Le bolelle monga lona, le re: Ho itswe ke Jehova: O se ke wa tshoha mantswe ao o a utlwileng, ao bahlanka ba morena wa Assiria ba nnyefotseng ka wona.

7. Bona, ke se ke tla kenya moya o mong ka ho yena, oo ka wona, ha a utlwa taba e nngwe, a tla kgutlela naheng ya hae, ke mo dihe ka lerumo naheng ya hae.

8. Rabshake a kgutla, a fihlela morena wa Assiria a lwantsha Libna, hobane o ne a utlwile hoba o tlohile Lakishe.

9. Teng, a utlwa ho thwe: Tirhaka, morena wa Ethiopia, o tla ho o lwantsha. Ha a utlwa taba eo, a romela manqosa ho Esekiase, a re ho wona: Le bolelle Esekiase, morena wa Juda, le re:

10. O se ke wa thetswa ke Modimo wa hao, oo o o tshepileng ka ho re Jerusalema a ke ke a neelwa matsohong a morena wa Assiria.