BIBELE e Halalelang

Esaia 36:11-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Yaba Eliakime, le Shebna, le Jowa ba re ho Rabshake: O ke o bue le rona bahlanka ba hao ka Sesiria, hobane re a se utlwa; o se ke wa bua le rona ka Sejuda, tsebeng tsa batho ba hodima lerako.

12. Rabshake a re: Ana o re, monga ka o nthometse ho monga hao le ho wena feela, ho bua taba tsena na? Na hase le ho banna ba dutseng hodima lerako, hore ba tsebe hore ba tla be ba je masepa a bona, ba nwe moroto wa bona hammoho le lona na?

13. Yaba Rabshake o ema, a howeletsa ka lentswe le leholo ka Sejuda, a re: utlwang ditaba tsa morena e moholo, morena wa Assiria.

14. Morena o re: Le se ke la thetswa ke Esekiase, hobane a ke ke a le namolela.

15. Esekiase a se ka a le tshepisa Jehova, ka ho re: Jehova o tla re namolela, mme motse ona o ke ke wa neelwa matsohong a morena wa Assiria.

16. Le se ke la mamela Esekiase; hobane morena wa Assiria o re: Etsang kgotso le nna, le tswele ho nna, le tle le je e mong le e mong morara wa hae, e mong le e mong a je feiye ya hae, e mong le e mong a nwe metsi a sediba sa hae;

17. ke be ke tle ke le ise naheng e kang naha ya lona, naha ya koro le ya veine, naha ya bohobe le ya merara.

18. Le se ke la thetswa ke Esekiase, ha a re ho lona: Jehova o tla re namolela! Hleka medimo ya ditjhaba e namoletse o mong le o mong naha ya wona matsohong a morena wa Assiria na?

19. E kae medimo ya Hamathe le ya Arpade? E kae medimo ya Sefarvaime? Na le wona Samaria o namoletswe matsohong a ka na?

20. Ke efe ho medimo yohle ya dinaha tseo e namoletseng naha ya yona matsohong a ka, ha ho thwe Jehova a ka namolela Jerusalema matsohong a ka?

21. Empa ba kgutsa; ha ba ka ba mo fetola letho, hobane taelo ya morena e ne e itse: Le se ke la mo fetola.

22. Yaba Eliakime, mora Hilkia, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna, mongodi, le Jowa, mora Asafe, mmoloki wa mangolo a mmuso, ba tla ho Esekiase, ba hahotse diaparo tsa bona, ba mo tsebisa mantswe a Rabshake.