BIBELE e Halalelang

Esaia 36:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka selemo sa leshome le metso e mene sa ho busa ha morena Esekiase, Sankeribe, morena wa Assiria, a futuhela metse yohle ya Juda e marako, mme a e kena.

2. Mme morena wa Assiria, ha a le Lakishe, a romela Rabshake ka makgotla a maholo ho ya Jerusalema ho lwantsha morena Esekiase; a tla a ema moeding wa letsha le kahodimo, mmileng o pela tshimo ya mohlatswi.

3. Yaba Eliakime, mora Hilkia, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna mongodi, le Jowa, mora Asafe, mmoloki wa mangolo a mmuso, ba tswela ho yena.

4. Rabshake a re ho bona: E reng ho Esekiase: Ho itswe ke morena e moholo, morena wa Assiria: Seo o se tshepileng ke eng?

5. Ke re: O etsa dipolelo tsa lefeela, ha o bolela kelello le matla a hao a ho lwana. Jwale, o tshepile mang na, ha o mphetohetse?

6. Bona, o tshepile Egepeta, lehlaka leno le tenyetsehileng, leo ekareng motho ha a ikokotlela ka lona, le ya mo hlaba seatla, le se phunye; Faro, morena wa Egepeta, o ka lona ho bohle ba mo tshepang.

7. Leha o ka re ho nna, le tshepile Jehova, Modimo wa lona, hleka hase yena eo Esekiase a tlositseng nqalo tsa hae tse diphahameng le dialetare tsa hae, a re ho Juda le ho Jerusalema: Le tla kgumama pela aletare ena, na?

8. Jwale, o ke o etse tumellano le monga ka, morena wa Assiria, ke o nee dipere tse dikete tse pedi, ha ekaba o ka ntsha bakalli ba ka di kallang!