BIBELE e Halalelang

Esaia 36:1-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka selemo sa leshome le metso e mene sa ho busa ha morena Esekiase, Sankeribe, morena wa Assiria, a futuhela metse yohle ya Juda e marako, mme a e kena.

2. Mme morena wa Assiria, ha a le Lakishe, a romela Rabshake ka makgotla a maholo ho ya Jerusalema ho lwantsha morena Esekiase; a tla a ema moeding wa letsha le kahodimo, mmileng o pela tshimo ya mohlatswi.

3. Yaba Eliakime, mora Hilkia, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna mongodi, le Jowa, mora Asafe, mmoloki wa mangolo a mmuso, ba tswela ho yena.

4. Rabshake a re ho bona: E reng ho Esekiase: Ho itswe ke morena e moholo, morena wa Assiria: Seo o se tshepileng ke eng?

5. Ke re: O etsa dipolelo tsa lefeela, ha o bolela kelello le matla a hao a ho lwana. Jwale, o tshepile mang na, ha o mphetohetse?

6. Bona, o tshepile Egepeta, lehlaka leno le tenyetsehileng, leo ekareng motho ha a ikokotlela ka lona, le ya mo hlaba seatla, le se phunye; Faro, morena wa Egepeta, o ka lona ho bohle ba mo tshepang.

7. Leha o ka re ho nna, le tshepile Jehova, Modimo wa lona, hleka hase yena eo Esekiase a tlositseng nqalo tsa hae tse diphahameng le dialetare tsa hae, a re ho Juda le ho Jerusalema: Le tla kgumama pela aletare ena, na?

8. Jwale, o ke o etse tumellano le monga ka, morena wa Assiria, ke o nee dipere tse dikete tse pedi, ha ekaba o ka ntsha bakalli ba ka di kallang!

9. O tla leleka jwang tona leha e le nngwe hara bahlanka ba banyenyane ba monga ka? Empa o tshepile Egepeta, hore o tla bona makoloi le bakalli teng!

10. Kapa o re, ke tlile ho lwantsha naha ena ke se na Jehova na? Jehova ke yena ya itseng ho nna: Eya lwantsha naha eo, o e fedise.

11. Yaba Eliakime, le Shebna, le Jowa ba re ho Rabshake: O ke o bue le rona bahlanka ba hao ka Sesiria, hobane re a se utlwa; o se ke wa bua le rona ka Sejuda, tsebeng tsa batho ba hodima lerako.

12. Rabshake a re: Ana o re, monga ka o nthometse ho monga hao le ho wena feela, ho bua taba tsena na? Na hase le ho banna ba dutseng hodima lerako, hore ba tsebe hore ba tla be ba je masepa a bona, ba nwe moroto wa bona hammoho le lona na?

13. Yaba Rabshake o ema, a howeletsa ka lentswe le leholo ka Sejuda, a re: utlwang ditaba tsa morena e moholo, morena wa Assiria.

14. Morena o re: Le se ke la thetswa ke Esekiase, hobane a ke ke a le namolela.

15. Esekiase a se ka a le tshepisa Jehova, ka ho re: Jehova o tla re namolela, mme motse ona o ke ke wa neelwa matsohong a morena wa Assiria.