BIBELE e Halalelang

Esaia 35:4-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Ereng ho ba dipelo di tshohileng: Betang pelo, le se ke la tshaba! Bonang, Modimo wa lona o tla ka phetetso, e leng ho putsa ha Modimo; o tla tla, o le boloke.

5. Ke moo mahlo a difofu a tla tutuboloha, ditsebe tsa ba thibaneng ditsebe di bulehe.

6. Sehlotsa se tla tlola jwaloka kgama, leleme la semumu le tla bina, hobane metsi a tla kolla naheng e tshehla, melatswana e phalle mahalaopeng.

7. Mahwatata a mahlabathe a tla fetoha matsha a metsi, naha e omeletseng e be le didiba tsa metsi, setsha sa diphokojwe, moo mesima ya tsona e neng e le teng, e tla ba setsha sa moseme le lodi.

8. Mmila o tla ba teng le tsela e bitswang tsela ya kgalalelo; ha ho motho ya ditshila ya tlang ho feta teng, e tla ba ya ba lokileng feela; ya tsamayang tseleng eo leha e le sethoto, a ke ke a lahleha.