BIBELE e Halalelang

Esaia 33:9-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Naha e bofifing, e swabile; Lebanone o swabile, o omeletse; Sharone o tshwana le lefeella, Bashane le Karmele ba foforeha mahlaku.

10. Jwale, ke tla tsoha, ho bolela Jehova; jwale, ke tla iphahamisa; jwale, ke tla ikgodisa.

11. Le emotse jwang, mme le tla beleha mooko; phefumoloho ya lona e tla hotetsa mollo, o le tjhese.

12. Ditjhaba di tla tjha jwaloka kalaka ha e beswa, di tjheswe ka mollo jwaloka meutlwa e remilweng.

13. Lona ba leng hole, utlwang seo ke se entseng, le lona ba leng haufi, le lemohe matla a ka!

14. Baetsadibe ba Sione ba tla thothomela; tshoho e tla tshwara baikaketsi, ba tla re: Ke mang hara rona ya tla tiya, a eme pela mollo o tjhesang? Ke mang ya tla tiya, a eme pela malakabe a sa timeng?

15. E tla ba ya tsamayang tseleng ya ho loka, ya bolelang ka ho loka, ya nyatsang maruo a nkilweng ka matla, ya hlohlorang letsoho la hae le tle le se ke la amohela dineo, ya ithibang ditsebe hore a se ke a utlwa merero ya ho bolaya, ya tutubalang mahlo hore a se ke a bona bobe.

16. Ke yena ya tla aha nqalong tse phahameng, ditshabelo tsa hae e tla ba diqhobosheane tse theilweng mafikeng. O tla fuwa bohobe ba hae, metsi a hae a ke ke a epsha.

17. Mahlo a hao a tla boha morena botleng ba hae, a tla bona lefatshe bophareng ba lona.

18. Pelo ya hao e tla elellwa mehla ya tshoho, mme o tla re: O kae ya neng a nkile buka ya lekgetho? o kae ya neng a lekanya boima ba tjhelete? o kae ya neng a hlahloba ditora?

19. Ha o sa tla hlola o bona setjhaba se thata, setjhaba se puo e sa utlwahaleng, se puo e kokotletsang, eo motho a ke keng a e utlwisisa.

20. Tadima Sione, motse wa mekete ya rona! Mahlo a hao a tla bona Jerusalema, e leng moaho wa boiketlo, le tente e ke keng ya tloswa, eo dithakgisa tsa yona di ke keng tsa tsomolwa, eo ho seng mohalana o lokolohang.

21. Hobane teng, Jehova, boholong ba hae, ho rona o tla ba jwaloka dinoka, dinoka tse kgolo, moo ho seng le sehlopha sa dikepe tse ka bang le matla a ho sesa teng, ho seng le sekepe se seholo se ka tshelang teng.

22. Hobane Jehova ke moahlodi wa rona, Jehova ke molaodi wa rona, Jehova ke morena wa rona, o tla re boloka.

23. Mehalana ya hao, Assiria e hlephile, ha e tiise sefate sa sekepe sa hao, leha e le seile e fanyehilweng ho sona; mohlang oo, letlotlo le mesebetsi e mengatangata ya kgapo e tla arolwa, esita dihlotsa le tsona di tla abelwa.

24. Mme ha ho motho ya ahileng Jerusalema ya tla re: Ke bohloko! Setjhaba se ahileng teng se tshwaretswe dibe.