BIBELE e Halalelang

Esaia 33:7-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Bonang, bahale ba bona ba bokolla kantle; manqosa a kgotso a lla habohloko.

8. Mebila e feela, ditsela di tlohetswe; morena wa Assiria o robile selekane, o nyedisitse metse, ha a re letho ka batho.

9. Naha e bofifing, e swabile; Lebanone o swabile, o omeletse; Sharone o tshwana le lefeella, Bashane le Karmele ba foforeha mahlaku.

10. Jwale, ke tla tsoha, ho bolela Jehova; jwale, ke tla iphahamisa; jwale, ke tla ikgodisa.

11. Le emotse jwang, mme le tla beleha mooko; phefumoloho ya lona e tla hotetsa mollo, o le tjhese.

12. Ditjhaba di tla tjha jwaloka kalaka ha e beswa, di tjheswe ka mollo jwaloka meutlwa e remilweng.

13. Lona ba leng hole, utlwang seo ke se entseng, le lona ba leng haufi, le lemohe matla a ka!

14. Baetsadibe ba Sione ba tla thothomela; tshoho e tla tshwara baikaketsi, ba tla re: Ke mang hara rona ya tla tiya, a eme pela mollo o tjhesang? Ke mang ya tla tiya, a eme pela malakabe a sa timeng?

15. E tla ba ya tsamayang tseleng ya ho loka, ya bolelang ka ho loka, ya nyatsang maruo a nkilweng ka matla, ya hlohlorang letsoho la hae le tle le se ke la amohela dineo, ya ithibang ditsebe hore a se ke a utlwa merero ya ho bolaya, ya tutubalang mahlo hore a se ke a bona bobe.

16. Ke yena ya tla aha nqalong tse phahameng, ditshabelo tsa hae e tla ba diqhobosheane tse theilweng mafikeng. O tla fuwa bohobe ba hae, metsi a hae a ke ke a epsha.