BIBELE e Halalelang

Esaia 33:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ho madimabe wena, mosenyi, ya esong ho senngwe, wena, mohapi ya esong ho hapjwe! Etlare ha o se o qetile ho senya, o tla senngwa; ha o qetile ho hapa, o tla hapjwa.

2. Jehova, o re hauhele, re beile tshepo ya rona ho wena! O be thuso ya rona ka hosasa ho hong le ho hong, le poloko ya rona mohla tsietsi!

3. Batho ba baleha ka baka la lentswe le dumang, ditjhaba di a qhalana, hobane o tsohile.

4. Letlotlo la lona leo le le hapileng, le tla hlakolwa ka mokgwa oo ditsie di hlakolwang ka wona; batho ba tla itihela ho lona ka mokgwa oo bookgolane bo welang jwang ka wona.

5. Jehova o phahamile, hobane o ahile nqalong tse hodimodimo, o tlatsitse Sione ka ho loka le ka toka.

6. Kahoo, matsatsi a hao a tla tiya, monono o be teng wa poloko le bohlale le tsebo; ho tshaba Jehova e tla ba leruo la Juda.

7. Bonang, bahale ba bona ba bokolla kantle; manqosa a kgotso a lla habohloko.

8. Mebila e feela, ditsela di tlohetswe; morena wa Assiria o robile selekane, o nyedisitse metse, ha a re letho ka batho.

9. Naha e bofifing, e swabile; Lebanone o swabile, o omeletse; Sharone o tshwana le lefeella, Bashane le Karmele ba foforeha mahlaku.