BIBELE e Halalelang

Esaia 32:13-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Dibajwa le meutlwa di tla mela naheng ya setjhaba sa ka, le hodima matlo a thabo kaofela a motse wa menyaka.

14. Hobane matlo a borena a tla tlohelwa, motse wa lerata o tla fetoha lesupi; leralla le tora ya sebohodi e be mahaha ka ditshiu le ditshiu, e be thabo ya dipitsi tsa naha le makgulo a mehlape,

15. ho fihlela moya wa lehodimo o tshelwa hodima rona, le lefeella le fetoha serapa, le serapa se tshwana le moru.

16. Ke moo ho loka ho tla ikahela lefeelleng, bokgabane bo hlole bo le teng serapeng.

17. Moputso wa ho loka e tla ba kgotso, tholwana ya ho loka e be phomolo le boiketlo ka ho sa yeng kae.

18. Setjhaba sa ka se tla aha moahong wa kgotso, le matlung a tshepehang, nqalong tsa boiketlo le phomolo.

19. Empa sefako se tla wela hodima moru, mme motse o tla kokobetswa tlasetlase.

20. Ho lehlohonolo lona ba jalang kahohle naheng e noseditsweng, ba sa kgineng leoto la kgomo le la esele!