BIBELE e Halalelang

Esaia 30:3-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Hobane tshirelo ya Faro e tla ba fetohela dihlong, le ho ipea moriting wa Egepeta ho ba fetohele sekgobo.

4. Leha baholo ba Juda ba se ba fihlile Tsowane, le manqosa a hae a se a le Hanese,

5. ba tla swaba kaofela ka baka la setjhaba se se nang molemo ho bona, seo ba ke keng ba bona thuso ho sona, leha e le molemo, empa e le dihlong le tshwabo feela.

6. Boporofeta hodima diphoofolo tsa borwa.Naheng ya tsietsi, ya mahlomola, ya tau e tshehadi le tau e tona, ya qowane le noha e fofang, ba belesa matlotlo a bona ka diesele, le maruo a bona mekokotlong ya dikamele, ho ya tjhabeng seo ba ke keng ba kotula letho ho sona.

7. Hobane thuso ya Egepeta ke lefeela le bosawana; ke ka baka leo ke bitsang hoo: Modimo o moholo o sa sebetseng letho.

8. Eya jwale, taba tseo o di ngole hodima lematjana pela bona, o di ngole bukeng, di tle di bolokelwe mehla e tlang ho tla, e be pontsho ka ho sa yeng kae.

9. Hobane ke setjhaba se ikgantshang, ke bana ba leshano, bana ba hanang ho utlwa molao wa Jehova;

10. ba reng ho diboni: Le se ke la bona! le ho baporofeta: Le se ke la re porofetela nnete, re bolelleng ditaba tse kgahlisang, le re bonele tse thetsang!

11. Kgelohang tsela, eyang kathoko, lesang ho bea Mohalaledi wa Iseraele pela mahlo a rona!

12. Ka baka leo, Mohalaledi wa Iseraele o re: Erekaha le nyatsa lentswe lena, mme le itshepisa ka bothata le bokgopo, le itiisa ka jona;

13. ka baka leo, sebe sena se tla sala ho lona jwaloka sekgeo se helehang, se entseng mpa lerakong le phahameng, mme se phakisetsa ho wa ha lona hanghang.

14. O tla bolaya Juda jwalokaha ho pshatlwa pitsa ya mmopi e bolawang ka boomo, eo ho seng lengeta le salang, leo motho a ka okgang mollo ifo ka lona, leha e le ho ya kga metsi sedibeng.