BIBELE e Halalelang

Esaia 30:21-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Ditsebe tsa hao di tla utlwa lentswe kamora hao, le reng: Tsela ke yona ena, tsamayang ho yona, esere la ya ka ho le letona, kapa ka ho le letshehadi.

22. Mme ditshwantsho tsa lona tse betlilweng tse apesitsweng ka silefera, le ditshwantsho tsa lona tse tsholotsweng tse manehilweng ka kgauta, le tla di tshela ditshila, le di lahle jwaloka manyala, ka ho re: Tswang!

23. Mohlang oo, o tla nesetsa dijalo tseo le tla di lema masimong, bohobe ba hlaku tse medisitsweng ke mobu e tla ba bo nonneng, bo kgorisang; mehleng eo, mehlape ya lona e tla fula makgulong a ahlamileng.

24. Dikgomo le diesele tse lemang naha di tla ja furu e nokilweng ka letswai, e kileng ya oloswa ka seoloso le sekofele.

25. Mme hodima thaba e nngwe le e nngwe e phahameng, le hodima leralla le leng le le leng le hodileng, melatswana e tla ba teng ya metsi a phallang, mohla letsatsi la polao e kgolo, mohla ditora di wang.

26. Ngwedi ya kgwedi e tla tshwana le kganya ya letsatsi, mme kganya ya letsatsi e tla eketswa hasupa, e be jwaloka kganya ya matsatsi a supileng, ka letsatsi leo Jehova a tla tlamella leqeba la setjhaba sa hae, a fodise matetetso a dikotlo tsa hae.

27. Bonang, lebitso la Jehova le a tla le etswa hole, le tla ka mollo wa bohale le tjheso e tshabehang; melomo ya hae e tletse kgalefo, leleme la hae le jwaloka lelakabe le tjhesang.