BIBELE e Halalelang

Esaia 30:16-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. La na la re: Tjhe, re mpa re tla baleha re kaletse dipere. Ke ka baka leo le tla balehiswa. La re: Re rata ho kalla dipere tse lebelo! Ka baka leo, ba tla le lelekisa ka lebelo le fetisang.

17. Ba sekete ba tla baleha ba tshabiswa ke motho a le mong; ha ba bahlano ba le tshosa, le tla baleha ho fihlela masala a lona a eba jwaloka sefate se itlhophereng, se hlomilweng hodima thaba, leha e le jwaloka folaga e hlomilweng leralleng.

18. Ka baka leo, Jehova o tla lebella ho le hauhela; ka baka leo, o tla ema ho le rekolohela, hobane Jehova ke Modimo o lokileng. Ho lehlohonolo ba mo tshepang kaofela!

19. Hobane setjhaba se tla nne se ahe Sione le Jerusalema; ha o sa na ho lla; ha a ka utlwa hobane o howeletsa ho yena, o tla o hauhela; a re a sa utlwa pitso ya hao a o arabe.

20. Morena o tla le fa bohobe matswalong a lona le metsi tsietsing ya lona; baruti ba hao ha ba sa tla ipata, empa o tla tadima baruti ba hao ka mahlo.

21. Ditsebe tsa hao di tla utlwa lentswe kamora hao, le reng: Tsela ke yona ena, tsamayang ho yona, esere la ya ka ho le letona, kapa ka ho le letshehadi.

22. Mme ditshwantsho tsa lona tse betlilweng tse apesitsweng ka silefera, le ditshwantsho tsa lona tse tsholotsweng tse manehilweng ka kgauta, le tla di tshela ditshila, le di lahle jwaloka manyala, ka ho re: Tswang!

23. Mohlang oo, o tla nesetsa dijalo tseo le tla di lema masimong, bohobe ba hlaku tse medisitsweng ke mobu e tla ba bo nonneng, bo kgorisang; mehleng eo, mehlape ya lona e tla fula makgulong a ahlamileng.

24. Dikgomo le diesele tse lemang naha di tla ja furu e nokilweng ka letswai, e kileng ya oloswa ka seoloso le sekofele.

25. Mme hodima thaba e nngwe le e nngwe e phahameng, le hodima leralla le leng le le leng le hodileng, melatswana e tla ba teng ya metsi a phallang, mohla letsatsi la polao e kgolo, mohla ditora di wang.

26. Ngwedi ya kgwedi e tla tshwana le kganya ya letsatsi, mme kganya ya letsatsi e tla eketswa hasupa, e be jwaloka kganya ya matsatsi a supileng, ka letsatsi leo Jehova a tla tlamella leqeba la setjhaba sa hae, a fodise matetetso a dikotlo tsa hae.