BIBELE e Halalelang

Esaia 30:10-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. ba reng ho diboni: Le se ke la bona! le ho baporofeta: Le se ke la re porofetela nnete, re bolelleng ditaba tse kgahlisang, le re bonele tse thetsang!

11. Kgelohang tsela, eyang kathoko, lesang ho bea Mohalaledi wa Iseraele pela mahlo a rona!

12. Ka baka leo, Mohalaledi wa Iseraele o re: Erekaha le nyatsa lentswe lena, mme le itshepisa ka bothata le bokgopo, le itiisa ka jona;

13. ka baka leo, sebe sena se tla sala ho lona jwaloka sekgeo se helehang, se entseng mpa lerakong le phahameng, mme se phakisetsa ho wa ha lona hanghang.

14. O tla bolaya Juda jwalokaha ho pshatlwa pitsa ya mmopi e bolawang ka boomo, eo ho seng lengeta le salang, leo motho a ka okgang mollo ifo ka lona, leha e le ho ya kga metsi sedibeng.

15. Hobane Morena Jehova, Mohalaledi wa Iseraele, o re: Polokeho ya lona e dutse ho sokoloheng, le ho phomoleng; le tla fihlela matla boitulelong le tshepong; empa le hanne.

16. La na la re: Tjhe, re mpa re tla baleha re kaletse dipere. Ke ka baka leo le tla balehiswa. La re: Re rata ho kalla dipere tse lebelo! Ka baka leo, ba tla le lelekisa ka lebelo le fetisang.

17. Ba sekete ba tla baleha ba tshabiswa ke motho a le mong; ha ba bahlano ba le tshosa, le tla baleha ho fihlela masala a lona a eba jwaloka sefate se itlhophereng, se hlomilweng hodima thaba, leha e le jwaloka folaga e hlomilweng leralleng.

18. Ka baka leo, Jehova o tla lebella ho le hauhela; ka baka leo, o tla ema ho le rekolohela, hobane Jehova ke Modimo o lokileng. Ho lehlohonolo ba mo tshepang kaofela!

19. Hobane setjhaba se tla nne se ahe Sione le Jerusalema; ha o sa na ho lla; ha a ka utlwa hobane o howeletsa ho yena, o tla o hauhela; a re a sa utlwa pitso ya hao a o arabe.

20. Morena o tla le fa bohobe matswalong a lona le metsi tsietsing ya lona; baruti ba hao ha ba sa tla ipata, empa o tla tadima baruti ba hao ka mahlo.