BIBELE e Halalelang

Esaia 3:17-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. ka baka leo, Morena o tla hlotha mangetse a dihlooho tsa baradi ba Sione, a di etse mafatla, Jehova a apole dihlong tsa bona.

18. Mohlang oo, Morena o tla tlosa ditsela tse maqaqailaneng, le meqhaka, le maphaketsana,

19. le masale a mmofa, le mefitshana, le masira a kase,

20. le mefapahlooho, le merutlwana, le dinyepa, le dikooma tsa ditlolo, le dithatho,

21. le masale a menwana, le mekadi e lepeletseng dinkong,

22. le diaparo tsa mekgabo, le dikgela, le mese e phuphuthang, le mekotlana,

23. le diipone, le masela a boleana a lene e ntle, le dituku tse qhakileng, le ditipe tsa kase.

24. Bakeng sa monko o monate e tla ba sebodu, bakeng sa senyepa e be lerapo; bakeng sa mangetse a forilweng e tla ba mafatla, bakeng sa masatshana a basadi e be lesela le mahwashe, bakeng sa botle e be sefahleho se tjhesitsweng ka letshwao.

25. Banna ba hao ba tla dihuwa ke lerumo, bahale ba hao ba ya fela ntweng.

26. Dikgoro tsa Jerusalema di tla lla, di be di bokolle; o tla dula fatshe a fetohile lesupi.