BIBELE e Halalelang

Esaia 3:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Hobane, bonang, Morena, Jehova wa makgotla, o ya tlosa Jerusalema le Juda matla le kotlo yohle, kotlo yohle ya bohobe, le kotlo yohle ya metsi;

2. monna ya matla le ya bohale ntweng, maohlodi le moporofeta, senohe le kgosana;

3. le balaodi ba makgotla le batshepehi, le baeletsi, le ba masene mesebetsing, le baupelli ba bohlale.

4. Ke tla ba nea bahlankana ho ba marena a bona, bana ba ba buse.

5. Mme batho ba tla jana, e mong le e mong a jewe ke wa habo; mohlankana o tla tsohela motho ya hodileng matla, le ya nyatsehang a tsohele ya hlomphehang matla.

6. Motho o tla tshwara ngwanabo ka tlung ya ntatae, a re ho yena: O na le kobo, tloo, o be morena wa rona, tshenyeho ena e bonwe ke wena.