BIBELE e Halalelang

Esaia 29:7-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Bongata ba ditjhaba tsohle tse tlang ho lwantsha Ariele le bohle ba patelang motse wona le qhobosheane ya wona, ba o tsietsang, ba tla ba jwaloka toro le pono ya bosiu.

8. Jwaloka motho ya lapileng ha a ka lora a eja, mme yare ha a tsoha borokong, a utlwe mala a hae a le feela; kapa jwaloka motho ya nyorilweng ha a lora a enwa, empa ha a tsohile, a utlwa hoba o tepeletse, le moya wa hae o kgathetse ke lenyora, ho tla ba jwalo le bongata ba ditjhaba tsohle tse lwantshang thaba ya Sione.

9. Emang, le makale; tutubalang, le foufale! Ba tahilwe, empa e seng ke veine; ba thekesela, empa e seng hoba ba hlotswe ke jwala.

10. Hobane Jehova o le tshetse ka moya wa boroko, o kwetse mahlo a lona, ke ho re baporofeta, o apesitse dihlooho tsa lona ka lefifi, ke ho re diboni tsa lona.

11. Tshenolo yohle ho lona e se e le jwaloka ditaba tsa buka e manehilweng, e newang motho ya tsebang ho bala, mme ho thwe: E bale hle! A mpe a fetole, a re: Ke a sitwa, hobane e manehilwe.

12. Kapa, leha e ka newa ya sa tsebeng ho bala, ha thwe: E bale hle; a ka fetola a re: Ha ke tsebe ho bala.

13. Morena o itse: Erekaha setjhaba sena se ikatametsa ho nna ka molomo, se ntlhonepha ka melomo, athe pelo ya sona e hole le nna, le tshabo eo ba ntshabang ka yona e le molao feela wa batho, oo ba o rutilweng,

14. bonang, ka baka leo, ke tla eketsa ho etsa diketso tse makatsang, tse mehlolo hodima setjhaba sena, ho tle ho fele bohlale ba ba bohlale ba sona, ho timele kelello ya banna ba sona ba hlalefileng.

15. Ho madimabe ba ipatang ka ho re, ba patela Jehova merero ya bona, ba etsang mesebetsi ya bona lefifing, ba reng: Ya re bonang ke mang? Ya re lemohileng ke mang?

16. Jo! bothoto ba lona. A letsopa le ka lekanngwa le mmopi wa lona na? A mosebetsi o ka latola moetsi wa wona, ka ho re: Hase yena ya nkentseng, na? Kapa ntho e betlilweng e ka nyatsa mmetli wa yona ka ho re: Ha a na bohlale, na?