BIBELE e Halalelang

Esaia 29:11-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Tshenolo yohle ho lona e se e le jwaloka ditaba tsa buka e manehilweng, e newang motho ya tsebang ho bala, mme ho thwe: E bale hle! A mpe a fetole, a re: Ke a sitwa, hobane e manehilwe.

12. Kapa, leha e ka newa ya sa tsebeng ho bala, ha thwe: E bale hle; a ka fetola a re: Ha ke tsebe ho bala.

13. Morena o itse: Erekaha setjhaba sena se ikatametsa ho nna ka molomo, se ntlhonepha ka melomo, athe pelo ya sona e hole le nna, le tshabo eo ba ntshabang ka yona e le molao feela wa batho, oo ba o rutilweng,

14. bonang, ka baka leo, ke tla eketsa ho etsa diketso tse makatsang, tse mehlolo hodima setjhaba sena, ho tle ho fele bohlale ba ba bohlale ba sona, ho timele kelello ya banna ba sona ba hlalefileng.

15. Ho madimabe ba ipatang ka ho re, ba patela Jehova merero ya bona, ba etsang mesebetsi ya bona lefifing, ba reng: Ya re bonang ke mang? Ya re lemohileng ke mang?

16. Jo! bothoto ba lona. A letsopa le ka lekanngwa le mmopi wa lona na? A mosebetsi o ka latola moetsi wa wona, ka ho re: Hase yena ya nkentseng, na? Kapa ntho e betlilweng e ka nyatsa mmetli wa yona ka ho re: Ha a na bohlale, na?

17. Bonang, ho se ho se hokae, mme Lebanone o tla fetoha tshimo ya difate tse behang; haele tshimo, e tla balwa ka ho re ke moru.