BIBELE e Halalelang

Esaia 29:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ho madimabe wena, Ariele, Ariele, motse oo Davida a neng a hlomile tente ya hae teng! Eketsang selemo ka selemo, le mekete e ye e ntse e hlahlamana.

2. Ke ntoo tla tsietsa Ariele; motse o tla tlala dillo le mefehelo, mme ho nna e tla ba ntho e kang Ariele (aletare kapa tau ya Modimo).

3. Hobane ke tla o lalla ka nqa tsohle, ke o teele hare ka makgotla, mme ke tla haha difika tse phahameng ho o lwantsha.

4. Ha o kokobeditswe, lentswe la hao le tla tswa fatshe, dipolelo tsa hao di utlwahale eka di pupetswa ke lerole; lentswe la hao le tla tloha fatshe eka la seriti, mme o tla nne o wewetse dipolelo tsa hao o le leroleng.

5. Bongata ba dira tsa hao bo tla fetoha lerole le lesesane, bongata ba bahale bo be jwaloka mooko o fefolwang; taba eo e tla phakisa e hlahe hanghang.

6. Jehova wa makgotla o tla tla ka diaduma, ka ditshisinyeho tsa lefatshe, ka modumo o moholo, ka sefefo, ka setsokotsane, le ka malakabe a mollo o tjhesang.

7. Bongata ba ditjhaba tsohle tse tlang ho lwantsha Ariele le bohle ba patelang motse wona le qhobosheane ya wona, ba o tsietsang, ba tla ba jwaloka toro le pono ya bosiu.

8. Jwaloka motho ya lapileng ha a ka lora a eja, mme yare ha a tsoha borokong, a utlwe mala a hae a le feela; kapa jwaloka motho ya nyorilweng ha a lora a enwa, empa ha a tsohile, a utlwa hoba o tepeletse, le moya wa hae o kgathetse ke lenyora, ho tla ba jwalo le bongata ba ditjhaba tsohle tse lwantshang thaba ya Sione.

9. Emang, le makale; tutubalang, le foufale! Ba tahilwe, empa e seng ke veine; ba thekesela, empa e seng hoba ba hlotswe ke jwala.

10. Hobane Jehova o le tshetse ka moya wa boroko, o kwetse mahlo a lona, ke ho re baporofeta, o apesitse dihlooho tsa lona ka lefifi, ke ho re diboni tsa lona.

11. Tshenolo yohle ho lona e se e le jwaloka ditaba tsa buka e manehilweng, e newang motho ya tsebang ho bala, mme ho thwe: E bale hle! A mpe a fetole, a re: Ke a sitwa, hobane e manehilwe.

12. Kapa, leha e ka newa ya sa tsebeng ho bala, ha thwe: E bale hle; a ka fetola a re: Ha ke tsebe ho bala.

13. Morena o itse: Erekaha setjhaba sena se ikatametsa ho nna ka molomo, se ntlhonepha ka melomo, athe pelo ya sona e hole le nna, le tshabo eo ba ntshabang ka yona e le molao feela wa batho, oo ba o rutilweng,