BIBELE e Halalelang

Esaia 28:9-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. O tla ruta mang bohlale, o tla utlwisa mang thuto? Hleka ke bana ba tswa kgweswa, kapa ba tlositsweng letsweleng?

10. Hobane ke molao hodima molao, molao hodima molao, taelo hodima taelo, taelo hodima taelo: hanyenyane mona, hanyenyane mono!

11. Ka baka leo, ke ka melomo e kokotletsang le ka puo ya basele a tlang ho bua le setjhaba sena.

12. O na be a se boleletse, a re: Mona ke nqalo ya phomolo, le baballe batho ba kgathetseng ka phomolo; mona ke nqalo ya kgatholoho; empa se hanne ho utlwa.

13. Ka baka leo, lentswe la Jehova le tla fihla ho bona, e le molao hodima molao, molao hodima molao, taelo hodima taelo, taelo hodima taelo, hanyenyane mona, honyenyane mono, hore ha ba tsamaya ba we ka dietse, ba robehe, ba wele sefing, ba tshwaswe.

14. Ka baka leo, utlwang lentswe la Jehova, lona basomi, ba busang setjhaba sena sa Jerusalema!

15. Le itse: Re entse selekane le lefu, re na le kopano le nqalo ya bafu; leha kotlo e tlang jwaloka morwallo e ka tla kwano, e ke ke ya re etsa letho, hobane re entse leshano setshabelo sa rona, mme thetso ke tshirelo ya rona.

16. Ka baka leo, Morena Jehova o boletse, a re: Bonang, ke bea lejwe Sione, e be motheo, lejwe le lekilweng, lejwe la ntlha la bohlokwa, le theilweng ka mokgwa o tiileng; ya dumelang ha a na ho baleha.

17. Ke tla etsa tokelo molao, ho loka e be tokiso; mme sefako se tla ya le setshabelo sa leshano, metsi a hlakole tshirelo ya lona.

18. Selekane sa lona le lefu se tla etswa lefeela, kopano ya lona le nqalo ya bafu e ke ke ya tiya; kotlo e tlang jwaloka morwallo ha e fihla, ka yona le tla ba jwaloka hoja le hataketswe ka maoto.

19. Etlare ha e fihla, e tla ya le lona, hobane e tla fihla ka meso yohle, nyene le bosiu; thuto e jwalo e ya nne e le tshose.

20. Malao a ho robala a tla ba makgutshwanyane haholo, motho a sitwe ho ikotlolla teng; kobo e tla hloka bophara, motho a sitwe ho ipopa ka yona.