BIBELE e Halalelang

Esaia 28:4-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Palesa e ponang ya serwalo sa hae sa bokgabane, e hlorong ya sekgutlo se nonneng, e tla ba jwaloka feiye ya pele, kotulo e eso ho tle; mofeti a re a sa e bona, a ntshe letsoho, a e metse.

5. Tsatsing leo, Jehova wa magkotla e tla ba yena moqhaka wa mokgabo, le moqhaka o kganyang ho masala a setjhaba sa hae,

6. e be yena moya wa kahlolo ho ya dutseng ho ahlola, le matla a ba lelekisang dira ho isa dikgorong tsa motse wa tsona.

7. Empa le bona Bajuda ba diadielwa veineng, ba dikadika ke jwala; baprista le baporofeta ba diadielwa jwaleng, ba kgopiswa ke veine, ba diadielwa jwaleng, ba thekesela ha ba bona dipono, ba tetema ha ba ahlola.

8. Hobane ditafole tsa bona kaofela di tletse mahlatsa le ditshila tse sa siyeng sebaka.

9. O tla ruta mang bohlale, o tla utlwisa mang thuto? Hleka ke bana ba tswa kgweswa, kapa ba tlositsweng letsweleng?

10. Hobane ke molao hodima molao, molao hodima molao, taelo hodima taelo, taelo hodima taelo: hanyenyane mona, hanyenyane mono!

11. Ka baka leo, ke ka melomo e kokotletsang le ka puo ya basele a tlang ho bua le setjhaba sena.

12. O na be a se boleletse, a re: Mona ke nqalo ya phomolo, le baballe batho ba kgathetseng ka phomolo; mona ke nqalo ya kgatholoho; empa se hanne ho utlwa.

13. Ka baka leo, lentswe la Jehova le tla fihla ho bona, e le molao hodima molao, molao hodima molao, taelo hodima taelo, taelo hodima taelo, hanyenyane mona, honyenyane mono, hore ha ba tsamaya ba we ka dietse, ba robehe, ba wele sefing, ba tshwaswe.