BIBELE e Halalelang

Esaia 28:13-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Ka baka leo, lentswe la Jehova le tla fihla ho bona, e le molao hodima molao, molao hodima molao, taelo hodima taelo, taelo hodima taelo, hanyenyane mona, honyenyane mono, hore ha ba tsamaya ba we ka dietse, ba robehe, ba wele sefing, ba tshwaswe.

14. Ka baka leo, utlwang lentswe la Jehova, lona basomi, ba busang setjhaba sena sa Jerusalema!

15. Le itse: Re entse selekane le lefu, re na le kopano le nqalo ya bafu; leha kotlo e tlang jwaloka morwallo e ka tla kwano, e ke ke ya re etsa letho, hobane re entse leshano setshabelo sa rona, mme thetso ke tshirelo ya rona.

16. Ka baka leo, Morena Jehova o boletse, a re: Bonang, ke bea lejwe Sione, e be motheo, lejwe le lekilweng, lejwe la ntlha la bohlokwa, le theilweng ka mokgwa o tiileng; ya dumelang ha a na ho baleha.

17. Ke tla etsa tokelo molao, ho loka e be tokiso; mme sefako se tla ya le setshabelo sa leshano, metsi a hlakole tshirelo ya lona.

18. Selekane sa lona le lefu se tla etswa lefeela, kopano ya lona le nqalo ya bafu e ke ke ya tiya; kotlo e tlang jwaloka morwallo ha e fihla, ka yona le tla ba jwaloka hoja le hataketswe ka maoto.

19. Etlare ha e fihla, e tla ya le lona, hobane e tla fihla ka meso yohle, nyene le bosiu; thuto e jwalo e ya nne e le tshose.

20. Malao a ho robala a tla ba makgutshwanyane haholo, motho a sitwe ho ikotlolla teng; kobo e tla hloka bophara, motho a sitwe ho ipopa ka yona.

21. Hobane Jehova o tla ema jwalokaha a entse thabeng ya Peratsime, o tla halefa jwalokaha a entse sekgutlong sa Gibeone, a tle a sebetse mosebetsi wa hae: mosebetsi wa hae ke o makatsang; a etse ketso ya hae: ketso ya hae ke e tsotisang.

22. Mme jwale, le se ke la nna la soma, mahlaahlela a lona a tle a se ke a tiiswa; hobane ke utlwile ho Morena, Jehova wa makgotla, hore tshenyeho ya lefatshe lohle e rerilwe.