BIBELE e Halalelang

Esaia 26:8-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Jehova, re o lebeletse ke hona tseleng ya dikahlolo tsa hao; lebitso la hao le kgopotso ya hao ke tseo meya ya rona e di lakatsang.

9. Moya wa ka o o lakatsa bosiu, pelo ya ka e o batla kahare ho nna; hobane mohla dikahlolo tsa hao di otlang lefatshe, batho ba lefatshe ba ithuta ho loka.

10. Motho e mobe ha a ka hauhelwa, a ke ke a ithuta ho loka; esita leha a le naheng ya toka, e nne e be motho ya kgopo, mme ha a tadime boholo ba Jehova.

11. Jehova, letsoho la hao le matla, empa ha ba ka ba le lemoha; ba tla bona tjheseho ya hao eo o tjhesehetseng tjhaba sa hao ka yona, mme ba tla swaba, mollo o tjhese bao e leng dira ho wena.

12. Jehova, ke wena ya re fang kgotso, hobane ke wena ya sebetsang bakeng sa rona tseo re di etsang kaofela.

13. Jehova, Modimo wa rona, re kile ra buswa ke marena a mang, e seng wena; empa ke ka wena feela re rapelang lebitso la hao.

14. Ba shwele, ba ke ke ba hlola ba phela; ke diriti, ba ke ke ba boela ba utlwa; hobane o ba otlile, o ba fedisitse, o timeditse le ho hopolwa hohle ha bona.

15. O atisitse setjhaba, Jehova, o atisitse setjhaba, o itlotlisitse, o suthisitse meedi yohle ya naha.

16. Jehova, ba tadimile ho wena matswalong a bona, ba tsholotse merapelo ya bona, mohla ba utlwang dikotlo tsa hao.