2. Bulang menyako, hore setjhaba se lokileng, se bolokang botshepehi, se tle se kene.
3. Ya pelo e tiileng o tla mmoloka kgotsong e fetisisang, kahobane o o tshepile.
4. Le tshepe Jehova kamehla yohle, hobane Jehova, Jehova, ke lefika la kamehla yohle.
5. Hobane o kokobeditse ba ahileng nqalong tse phahameng; o dihile motse o moholo, o o dihetse fatshe, o o rapaladitse leroleng.