BIBELE e Halalelang

Esaia 25:10-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Hobane letsoho la Jehova le tla dula thabeng ena, empa Moabe o tla hatakelwa moo a leng teng, jwaloka setroi sa koro ha se hatakelwa lemeneng la moitedi.

11. O tla otlolla matsoho a hae teng, jwalokaha sehlapi se a otlolla ha se hlapa; empa Jehova o tla kokobetsa boikgantsho ba hae le mano a matsoho a hae.

12. O tla heletsa diqhobosheane tsa marako a hao a phahamileng; o tla di rapalatsa fatshe, leroleng.