BIBELE e Halalelang

Esaia 24:9-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Ha ho sa nowa veine ka ho bina, jwala bo bohale bo fetohile bohloko ho ba bo nwang.

10. Motse o senyehile, o fetohile lesupi; matlo kaofela a kwetswe, ha ho sa le ya kenang teng.

11. Ho bokollwa diterateng hobane veine e se e le siyo, thabo yohle e hlokahetse, nyakallo ya naha e faletse.

12. Ho setseng ha motse ke lesupi feela; menyako e bolailwe, e robilwe.

13. Naheng eo, le hara ditjhaba, ditaba di tla ba jwaloka mohla ho kguwang ditlholwana tsa mehlwaare, le jwalokaha ho kgwahlapiswa ha ho se ho kotutswe merara.

14. Ba tla phahamisa mantswe a bona, ba ntshe mehoweletso ya thabo, ba nyakalle ho tloha pela lewatle, ka baka la bokgabane ba Jehova.

15. Ka baka leo, rorisang Jehova botjhabela, le lebitso la Jehova, Modimo wa Iseraele, dihlekehlekeng tsa lewatle.

16. Ra utlwa dipina tse tswang dipheletsong tsa lefatshe, tse reng: Kganya ho ya lokileng! Empa nna ka re: Ke senyehile! ke senyehile! Ho madimabe nna! Mashodu a utswa, mashodu a ya le kgapo.

17. Tshoho, lemena, leraba di pela hao, ya ahileng naheng ena!

18. Ya balehelang tshoho, o wela lemeneng; ya tlang ho inyolla lemeneng, o itshwasa lerabeng, hobane dithoba tsa mahodimo di a buleha, mme metheo ya lefatshe e a reketla.

19. Lefatshe le a thuhakanngwa, lefatshe le kunngwa dikoto, lefatshe le sisinyeha hohle.

20. Lefatshe le thekesela jwaloka motho ya tahilweng, le tetema jwaloka lephephe, le imelwa ke sebe sa lona, le a wa, ha le sa tla hlola le tsoha.

21. Mehleng eo, Jehova o tla otla makgotla a lehodimo, nqalong tse phahameng, le marena a lefatshe lefatsheng.

22. Ba tla hlahlelwa jwaloka ba hapilweng, ha ba hlahlelwa teronkong, ba kwallwe mameneng; mme hobane ho fete matsatsi a mangata, ba tla otlwa.

23. Mme kgwedi e tla rothofala, letsatsi le swabe, hobane Jehova o busa thabeng ya Sione le Jerusalema, mme o kganya pela baholo ba hae.