BIBELE e Halalelang

Esaia 24:3-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Naha e tla hlobodiswa kahohle, ho phahlwe tsa yona, hobane ke Jehova ya boletseng taba eo.

4. Naha e hlomohile, e swabile, lefatshe le tepeletse, le dutse mahlomoleng, baholo ba setjhaba sa naha ena ba tepeletse.

5. Naha e sentswe ke ba ahileng ho yona, hobane ba hataketse melao, ba tlotse ditaelo, ba sentse selekane se sa feleng.

6. Ka baka leo, thohako e ja naha, ba ahileng teng ba otlwa ke hona; ke ka baka leo batho ba naha eo ba tjheswang, mme ba phonyohang ha ba bakae.

7. Veine e ntjha e swabile, merara e a pona, bohle ba pelo di thabileng ba sisa pelo.

8. Thabo ya meropa e fedile, lerata la bathabi ha le sa le yo, thabo ya harepa e kgutsitse le yona.

9. Ha ho sa nowa veine ka ho bina, jwala bo bohale bo fetohile bohloko ho ba bo nwang.

10. Motse o senyehile, o fetohile lesupi; matlo kaofela a kwetswe, ha ho sa le ya kenang teng.

11. Ho bokollwa diterateng hobane veine e se e le siyo, thabo yohle e hlokahetse, nyakallo ya naha e faletse.

12. Ho setseng ha motse ke lesupi feela; menyako e bolailwe, e robilwe.

13. Naheng eo, le hara ditjhaba, ditaba di tla ba jwaloka mohla ho kguwang ditlholwana tsa mehlwaare, le jwalokaha ho kgwahlapiswa ha ho se ho kotutswe merara.