BIBELE e Halalelang

Esaia 24:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bonang, Jehova o ya hlobodisa lefatshe, a le etse nahathothe, a le senye sebopeho, a qhalanye baahi ba lona.

2. Ho tla ba ho moprista jwalokaha ho tla ba ho batho feela, monghadi o tla ba jwaloka mohlanka, mofumahadi jwaloka lekgabunyane la hae, morekisi jwaloka meroki, ya adimang jwaloka eo ho adingwang ho yena, monami jwaloka ya nametsweng.

3. Naha e tla hlobodiswa kahohle, ho phahlwe tsa yona, hobane ke Jehova ya boletseng taba eo.

4. Naha e hlomohile, e swabile, lefatshe le tepeletse, le dutse mahlomoleng, baholo ba setjhaba sa naha ena ba tepeletse.

5. Naha e sentswe ke ba ahileng ho yona, hobane ba hataketse melao, ba tlotse ditaelo, ba sentse selekane se sa feleng.

6. Ka baka leo, thohako e ja naha, ba ahileng teng ba otlwa ke hona; ke ka baka leo batho ba naha eo ba tjheswang, mme ba phonyohang ha ba bakae.

7. Veine e ntjha e swabile, merara e a pona, bohle ba pelo di thabileng ba sisa pelo.

8. Thabo ya meropa e fedile, lerata la bathabi ha le sa le yo, thabo ya harepa e kgutsitse le yona.