BIBELE e Halalelang

Esaia 24:1-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bonang, Jehova o ya hlobodisa lefatshe, a le etse nahathothe, a le senye sebopeho, a qhalanye baahi ba lona.

2. Ho tla ba ho moprista jwalokaha ho tla ba ho batho feela, monghadi o tla ba jwaloka mohlanka, mofumahadi jwaloka lekgabunyane la hae, morekisi jwaloka meroki, ya adimang jwaloka eo ho adingwang ho yena, monami jwaloka ya nametsweng.

3. Naha e tla hlobodiswa kahohle, ho phahlwe tsa yona, hobane ke Jehova ya boletseng taba eo.

4. Naha e hlomohile, e swabile, lefatshe le tepeletse, le dutse mahlomoleng, baholo ba setjhaba sa naha ena ba tepeletse.

5. Naha e sentswe ke ba ahileng ho yona, hobane ba hataketse melao, ba tlotse ditaelo, ba sentse selekane se sa feleng.

6. Ka baka leo, thohako e ja naha, ba ahileng teng ba otlwa ke hona; ke ka baka leo batho ba naha eo ba tjheswang, mme ba phonyohang ha ba bakae.

7. Veine e ntjha e swabile, merara e a pona, bohle ba pelo di thabileng ba sisa pelo.

8. Thabo ya meropa e fedile, lerata la bathabi ha le sa le yo, thabo ya harepa e kgutsitse le yona.

9. Ha ho sa nowa veine ka ho bina, jwala bo bohale bo fetohile bohloko ho ba bo nwang.

10. Motse o senyehile, o fetohile lesupi; matlo kaofela a kwetswe, ha ho sa le ya kenang teng.

11. Ho bokollwa diterateng hobane veine e se e le siyo, thabo yohle e hlokahetse, nyakallo ya naha e faletse.

12. Ho setseng ha motse ke lesupi feela; menyako e bolailwe, e robilwe.

13. Naheng eo, le hara ditjhaba, ditaba di tla ba jwaloka mohla ho kguwang ditlholwana tsa mehlwaare, le jwalokaha ho kgwahlapiswa ha ho se ho kotutswe merara.

14. Ba tla phahamisa mantswe a bona, ba ntshe mehoweletso ya thabo, ba nyakalle ho tloha pela lewatle, ka baka la bokgabane ba Jehova.

15. Ka baka leo, rorisang Jehova botjhabela, le lebitso la Jehova, Modimo wa Iseraele, dihlekehlekeng tsa lewatle.