BIBELE e Halalelang

Esaia 23:7-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Na ke wona motse wa lona wa menyaka, oo ho qala ha wona ho isang mehleng ya boholoholo, oo maoto a wona a neng a o isa hole hore o yo haha teng?

8. Ke mang ya rerileng taba ena hodima Tire, eo e neng e le moabedi wa meqhaka ya borena, eo bahwebi ba hae e neng e le marena, le ba rekang ha hae e leng ba hlomphuwang lefatsheng?

9. Jehova wa makgotla ke yena ya rerileng taba eo, a tla fokotse kganya ya boholo bohle, le ho apesa bohle ba hlomphuwang lefatsheng ka nyatso.

10. O haole ka naha ya hao, jwaloka Nile, wena, moradi wa Tarshishe; ha ho sa le joko e o tlamileng.

11. O otlolletse letsoho la hae hodima lewatle, o sisintse mebuso; Jehova o laetse bakeng sa Kanana, hore ho heletswe diqhobosheane tsa teng.

12. O itse: Ha o sa tla thaba, wena morwetsana ya senyehileng, moradi wa Sidone! Tsoha, o ikele Kittime, o tshelele teng; empa le teng o ke ke wa bona phomolo.

13. Bona naha ya Bakalde! Ha e sa le setjhaba; Baassiria ba e neetse dibatana tsa naha; ba haha ditora tsa bona tsa ntwa, ba heletsa matlo a borena a Kanana, ba a etsa lesupi.

14. Bokollang, lona dikepe tsa Tarshishe, hobane qhobosheane ya lona e senyehile.

15. Mehleng eo, Tire o tla lebalwa ka dilemo tse mashome a supileng, tse lekanang matsatsi a ho phela ha morena a le mong; dilemo tse mashome a supileng ha di fetile, Tire o tla hlahelwa ke taba ya pina ya seotswa, e reng:

16. Nka harepa, seotswa se lebetsweng, o qete diterata tsa motse ka yona, o tee molodi o motle, o eketse dipina tsa hao, o tle o hopolwe.

17. Dilemo tse mashome a supileng ha di se di fetile, Jehova o tla hopola Tire; o tla kgutlela maruong a manyala a hae, a iketse seotswa mebusong yohle e bophareng ba lefatshe.

18. Empa leruo la hae le moputso wa hae di tla kgethelwa Jehova, di ke ke tsa bokellwa hammoho, leha e le ho bolokwa, empa leruo la hae le hwebilweng e tla ba la ba emang pela Jehova, ba tle ba kgore hantle, mme ba apeswe ka bokgabane.