BIBELE e Halalelang

Esaia 23:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Boporofeta hodima Tire:Bokollang, lona dikepe tsa Tarshishe, hobane o senyehile; matlo ha a sa le yo, ha ho sa le moo ho kenwang teng; ba utlwile taba eo e etswa naheng ya Kittime.

2. Tshohang, lona ba ahileng naheng e sikang le lewatle, e neng e tlala bahwebi ba Sidone ba haolang ka lewatle!

3. Koro ya noka e ntsho e neng e etla ka metsi a maholo, ke re, kotulo ya Nile e ne e le maruo a teng, motse oo e ne e le moo ho rekwang teng ke ditjhaba.

4. Swaba, Sidone, hobane lewatle le a bolela, qhobosheane ya lewatle e re: Ha ke tsebe bohloko ba ho beleha, ha ke a beleha; ha ke a ka ka hodisa bahlankana kapa barwetsana.

5. Etlare ha taba e fihla Egepeta, ba tla thothomela ke ho utlwa taba tsa Tire.

6. Tshelelang Tarshishe! Bokollang, lona ba mabapa le lewatle!

7. Na ke wona motse wa lona wa menyaka, oo ho qala ha wona ho isang mehleng ya boholoholo, oo maoto a wona a neng a o isa hole hore o yo haha teng?

8. Ke mang ya rerileng taba ena hodima Tire, eo e neng e le moabedi wa meqhaka ya borena, eo bahwebi ba hae e neng e le marena, le ba rekang ha hae e leng ba hlomphuwang lefatsheng?

9. Jehova wa makgotla ke yena ya rerileng taba eo, a tla fokotse kganya ya boholo bohle, le ho apesa bohle ba hlomphuwang lefatsheng ka nyatso.

10. O haole ka naha ya hao, jwaloka Nile, wena, moradi wa Tarshishe; ha ho sa le joko e o tlamileng.