BIBELE e Halalelang

Esaia 22:2-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. wena, motse o tletseng moferefere, motse wa marata, o batlang menyaka feela? Ba hao ba bolailweng ha ba ka ba wa ka lerumo, ha ba ka ba eshwa ntweng.

3. Dihlooho tsa hao kaofela di balehile hammoho, di tshwerwe ke ba diqha: ba hao kaofela ba tshwerwe, ba holehilwe hammoho ha ba ntse ba baleha.

4. Ke hona ke reng: Ntloheleng, ke tle ke lle habohloko: se phehelleng ho ntshedisa, ha ke lla ka tshenyeho ya moradi wa setjhaba sa ka!

5. Hobane ke letsatsi la matsoso, la ho tujwa, le la moferefere, le laotsweng ke Morena, Jehova wa makgotla, sekgutlong sa dipono; ho heletswa marako, mehoo ya tshoho e dumaela dithabeng.

6. Elame o tshwere kgohlopo, o na le makoloi a tletseng banna le bakalli; Kire o nkile dithebe.

7. Dikgutlo tsa hao, Jerusalema, tse fetisang ka botle, di tletse makoloi, ba kallang dipere ba laletse menyakong ya hao.

8. Lesira la Juda ha le tloswa, tsatsing leo o tadimile ka nqa dihlomong tse bolokilweng ka tlung ya moru.

9. Le lemohile hobane marako a motse wa Davida a dikgeo tse ngata, le thibetse metsi a letsha le katlase.

10. Le badile matlo a Jerusalema, mme le heletsa a mang ho tiisa marako.