BIBELE e Halalelang

Esaia 22:16-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. O etsang mona? O na le mang mona, ha o ipetletse lebitla mona? O betlile lebitla phahameng, o itjheketse moaho lefikeng.

17. Bona, Jehova o tla o tshwara, a o lahlele hole ka matla;

18. a o phikolose, o phikolohe jwaloka pidikwane lebaleng la lefatshe le batsi, le ahlameng; o tla shwela teng, mme makoloi a kganya ya hao a tla fella teng, wena, dihlong tsa ntlo ya monga hao.

19. Ke tla be ke o lelekise kabelong ya hao, o tloswe tulong tsa hao.

20. Ka tsatsi leo, ke tla bitsa mohlanka wa ka Eliakime, mora wa Hilkia;

21. ke tla mo apesa kobo ya hao, ke mo tlame ka senyepa sa hao, ke bee puso ya hao letsohong la hae; e tla ba ntata ba ahileng Jerusalema le wa ntlo ya Juda.

22. Ke tla bea senotlolo sa ntlo ya Davida lehetleng la hae; o tla bula, mme ha ho ya tla kwala; o tla kwala, mme ha ho ya tla bula.

23. Ke tla mo hloma jwaloka thakgisa moo ho tiileng, e be setulo se kganyang tlung ya ntatae.

24. E tla ba yena tshiya ya kganya yohle ya ntlo ya ntatae, ya mahlomela le ya makala, le ya dipitsana, ho qala ka dipitsa tsa mehope ho isa ho dijana kaofela.

25. Tsatsing leo, ha ho bolela Jehova wa makgotla, thakgisa e hlomilweng moo ho tiileng e tla tloswa, e lahlwe, e we, mme ntho tsohle tseo e neng e di jere, di tla wela fatshe, hobane Jehova o boletse.