BIBELE e Halalelang

Esaia 22:13-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Empa, bonang, ke thabo le menyaka, ho hlajwa dikgomo, ho hlajwa dinku, ho jewa dinama, ho nowa veine; ho thwe: A re jeng, a re nweng, hobane hosasane re se re ya shwa.

14. Jehova wa makgotla o nnyenyeleditse ditsebeng, a re: Tjhe, sebe sena le ke ke la se tshwarelwa, le tla be le shwe; ho itsalo Morena, Jehova wa makgotla.

15. Morena, Jehova wa makgotla, o boletse, a re: Tloha, o ye ho mmoloki wa leruo, ho Shebna, qhoku ya ntlo ya borena, o re ho yena:

16. O etsang mona? O na le mang mona, ha o ipetletse lebitla mona? O betlile lebitla phahameng, o itjheketse moaho lefikeng.

17. Bona, Jehova o tla o tshwara, a o lahlele hole ka matla;

18. a o phikolose, o phikolohe jwaloka pidikwane lebaleng la lefatshe le batsi, le ahlameng; o tla shwela teng, mme makoloi a kganya ya hao a tla fella teng, wena, dihlong tsa ntlo ya monga hao.

19. Ke tla be ke o lelekise kabelong ya hao, o tloswe tulong tsa hao.