BIBELE e Halalelang

Esaia 22:10-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Le badile matlo a Jerusalema, mme le heletsa a mang ho tiisa marako.

11. Le etsa letsha pakeng tsa marako a mabedi, ho bokella metsi a letsha la kgale; empa ha le tadime ho moetsi wa ditaba tseo, ha le lelalle ho ya di rerileng kgale.

12. Morena, Jehova wa makgotla, o le bileditse ho lla le ho hlomoha ka tsatsi leo, ho kuta moriri le ho apara lesela le mahwashe.

13. Empa, bonang, ke thabo le menyaka, ho hlajwa dikgomo, ho hlajwa dinku, ho jewa dinama, ho nowa veine; ho thwe: A re jeng, a re nweng, hobane hosasane re se re ya shwa.

14. Jehova wa makgotla o nnyenyeleditse ditsebeng, a re: Tjhe, sebe sena le ke ke la se tshwarelwa, le tla be le shwe; ho itsalo Morena, Jehova wa makgotla.

15. Morena, Jehova wa makgotla, o boletse, a re: Tloha, o ye ho mmoloki wa leruo, ho Shebna, qhoku ya ntlo ya borena, o re ho yena:

16. O etsang mona? O na le mang mona, ha o ipetletse lebitla mona? O betlile lebitla phahameng, o itjheketse moaho lefikeng.

17. Bona, Jehova o tla o tshwara, a o lahlele hole ka matla;

18. a o phikolose, o phikolohe jwaloka pidikwane lebaleng la lefatshe le batsi, le ahlameng; o tla shwela teng, mme makoloi a kganya ya hao a tla fella teng, wena, dihlong tsa ntlo ya monga hao.

19. Ke tla be ke o lelekise kabelong ya hao, o tloswe tulong tsa hao.

20. Ka tsatsi leo, ke tla bitsa mohlanka wa ka Eliakime, mora wa Hilkia;