BIBELE e Halalelang

Esaia 22:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Boporofeta hodima sekgutlo sa dipono:Taba ke dife, ha batho ba hao kaofela ba hlweletse hodima matlo,

2. wena, motse o tletseng moferefere, motse wa marata, o batlang menyaka feela? Ba hao ba bolailweng ha ba ka ba wa ka lerumo, ha ba ka ba eshwa ntweng.

3. Dihlooho tsa hao kaofela di balehile hammoho, di tshwerwe ke ba diqha: ba hao kaofela ba tshwerwe, ba holehilwe hammoho ha ba ntse ba baleha.

4. Ke hona ke reng: Ntloheleng, ke tle ke lle habohloko: se phehelleng ho ntshedisa, ha ke lla ka tshenyeho ya moradi wa setjhaba sa ka!