BIBELE e Halalelang

Esaia 21:9-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Bonang, ho hlahile dipere le bakalli ba tsona ba tsamayang ka bobedi. Sa eketsa sa re: O wele, Babilona o wele; ditshwantsho tsohle tsa medimo ya hae di bolaetswe fatshe.

10. Oho, setjhaba sa ka se hatakelwang jwaloka koro seotlong, tseo ke di utlwileng ho Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, ke le boleletse tsona.

11. Boporofeta hodima Duma:Mohoo o tswang Seire o fihlile ho nna, o re: Sebohodi, nako ya bosiu ke efe? Sebohodi, nako ya bosiu ke efe?

12. Sebohodi se re: Meso e a hlaha, ho ntoo ba bosiu. Ha le rata ho botsa, botsang! Sokolohang, le boye.

13. Boporofeta hodima Arabia:Le hlola bosiu masabasabeng a Arabia, lona dihlopha tsa baeti ba Dedane.

14. Isang metsi ho ba nyorilweng! Ba ahileng Thema ba nke dijo ho ya kgahlanyetsa ka tsona ba balehang.

15. Hobane ba baleha pela marumo, pela marumo a tsomotsweng, pela diqha tse tjhehilweng, le pela ntwa e thata.

16. Hobane Morena o itse ho nna: Ho sa setse selemo se le seng, se kang selemo sa ya sebeletsang leruo, mme kganya yohle ya Kedare e tla fela.

17. Mosala wa ba diqha, wa bahale ba bana ba Kedare, o tla ba monyenyane, hobane Jehova, Modimo wa Iseraele, o boletse.