BIBELE e Halalelang

Esaia 2:5-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Tloong, ba ntlo ya Jakobo, a re tsamayeng leseding la Jehova!

6. Efela o furaletse tjhaba sa hao, e leng ntlo ya Jakobo, hobane se tletse mekgwa ya ba Botjhabela; ke dinohe jwaloka Bafilesta, ba neelana matsoho le bana ba baditjhaba.

7. Lefatshe la bona le tletse silefera le kgauta, maruo a bona ha a balwe; naha ya bona e tletse dipere, makoloi a bona ha a na moo a fellang.

8. Lefatshe la bona le tletse ditshwantsho, ba kgumama pela mesebetsi ya matsoho a bona, e sebeditsweng ka menwana ya bona.

9. Bao e leng batho feela ba tla kokobetswa, le bona baholo ba nyenyefatswe; o ke ke wa ba tshwarela.

10. Kena lefarung la lefika, o ipate leroleng, ka baka la botshabeho ba Jehova, le la kganya ya boholo ba hae.

11. Mahlo a ikgantshang a batho a tla kokobetswa, boikgohomoso jwa ba baholo bo nyenyefatswe; ka letsatsi leo ho tla hodiswa Jehova a nnotshi.

12. Hobane letsatsi le teng leo Jehova wa makgotla a le behetseng baikgantshi le baikgohomosi bohle, le bohle ba ikakasang hore ba tle ba kokobetswe.

13. Le behetswe ho kokobetsa dikedare kaofela tsa Lebanone tse telele kaofela, tse phahameng, le dieike tsohle tsa Bashane,

14. le dithaba tsohle tse telele, le maralla wohle a phahameng,

15. le ditora tsohle tse telele, le marako wohle a thata;