BIBELE e Halalelang

Esaia 2:3-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Ditjhaba tse ngata di tla ya, di re: Tloong, re nyoloheleng thabeng ya Jehova, ka tlung ya Modimo wa Jakobo, o tle o re rute mekgwa ya wona, re tsamaye ditseleng tsa wona; hobane molao o tla tswa Sione, lentswe la Jehova le tswe Jerusalema.

4. Jehova o tla ahlolela ditjhaba, a laye mefuta e mengata, mme ba tla tea diphehla tsa bona tsa ntwa mehoma, le marumo a bona ba a tee disekele; setjhaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela setjhaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho lwana.

5. Tloong, ba ntlo ya Jakobo, a re tsamayeng leseding la Jehova!

6. Efela o furaletse tjhaba sa hao, e leng ntlo ya Jakobo, hobane se tletse mekgwa ya ba Botjhabela; ke dinohe jwaloka Bafilesta, ba neelana matsoho le bana ba baditjhaba.

7. Lefatshe la bona le tletse silefera le kgauta, maruo a bona ha a balwe; naha ya bona e tletse dipere, makoloi a bona ha a na moo a fellang.

8. Lefatshe la bona le tletse ditshwantsho, ba kgumama pela mesebetsi ya matsoho a bona, e sebeditsweng ka menwana ya bona.

9. Bao e leng batho feela ba tla kokobetswa, le bona baholo ba nyenyefatswe; o ke ke wa ba tshwarela.