BIBELE e Halalelang

Esaia 2:12-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Hobane letsatsi le teng leo Jehova wa makgotla a le behetseng baikgantshi le baikgohomosi bohle, le bohle ba ikakasang hore ba tle ba kokobetswe.

13. Le behetswe ho kokobetsa dikedare kaofela tsa Lebanone tse telele kaofela, tse phahameng, le dieike tsohle tsa Bashane,

14. le dithaba tsohle tse telele, le maralla wohle a phahameng,

15. le ditora tsohle tse telele, le marako wohle a thata;

16. le dikepe tsohle tsa Tarshishe, le mesebetsi yohle e kgahlisang mahlo.

17. Boikgantsho ba batho bo tla fela, boikgohomoso jwa ba baholo bo kokobetswe; ka letsatsi leo ho tla hodiswa Jehova a nnotshi.

18. Ditshwantsho di tla fella ruri;