BIBELE e Halalelang

Esaia 14:22-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Hobane ke tla tloha ke ba lwantshe, ho bolela Jehova wa makgotla; ke tla fedisa lebitso la Babilona, le ho setseng ha hae, lekala le lehlomela, ho bolela Jehova.

23. Ke tla mo etsa letsaba la dihlong, le matsha a ditebetebe, ke mo fiele ka lefielo la tshenyo, ho bolela Jehova wa makgotla.

24. Jehova wa makgotla o hlapantse, a re: Ruri, seo ke se hopotseng, se tla etsahala; le seo ke se rerileng, se tla hlaha.

25. Ke tla roba Baassiria lefatsheng la ka, ke ba hatakele ka maoto dithabeng tsa ka, hore batho ba ka ba lokollwe jokong ya bona, ba jarollwe phahlo ya bona melaleng ya bona.

26. Ke wona morero o rerilweng hodima lefatshe lohle, ke lona letsoho le otlolletsweng hodima ditjhaba tsohle.

27. Hobane Jehova wa makgotla o rerile; ke mang ya ka hanang? Letsoho la hae le otlolohile; ya ka le honyetsang ke mang?

28. Ka selemo seo Akase a shweleng ka sona, ha bolelwa boporofeta bona, ha thwe:

29. Wena naha ya Filistia, o se ke wa thaba, ke hobane thupa e neng e o otla e robehile; hobane motsong wa noha ho tla tswa qowane, mme tholwana ya yona e tla ba drakone e fofang.

30. Bahloki ba hlokang haholo ba tla kgora, bafumanehi ba phomole ka kgotso; empa ke tla timetsa motso wa hao ka tlala, ho setseng ho wena ho tla bolawa.

31. Wena monyako, bobola; wena, motse, o bokolle; wena lefatshe lohle la Filesta, o tsielehe; hobane ho ya tla mosi o tswang leboya; ha ho ya kgathalang makgotleng a dira.

32. Ho tla thweng ho ba romilweng ke setjhaba? Ho tla thwe: Jehova o theile Sione, ba madimabe ba setjhaba sa hae ba tshabetse teng.